Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 79:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O se ke wa hopola dibe tsa bontata rona moholo; mehauhelo ya hao e re tlele kapele, hobane re ba madimabe haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 O se ke wa re balla melato, melato ya bo-ntata rona, o mpe o re kgahlanyetse kapele, o re kgahlanyetse ka lerato la hao, hobane re nyenyefaditswe haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 79:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Hangata Jehova a ba lopolla, empa ba nna ba ikgantsha mererong ya bona, ba itahla ka bokgopo ba bona.


Jehova o boloka ba bonolo; ke ne ke hlomohile, mme a tlisa thuso ho nna.


Jehova, ha o ka lotolotsa makgopo, ke mang ya ka emang pela hao, Morena?


O mamele modumaelo wa ka, hobane ke hlomohile haholo; o ntopolle ho bahlorisi ba ka, hobane ba mpheta ka matla.


O mo rakile ka mahlohonolo a molemo, o mo rwesitse moqhaka wa kgauta e tshekehileng hloohong.


O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!


Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.


Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.


A re ho nna: Mora motho, ke o romela ho bana ba Iseraele, tjhaba tseo tse manganga, tse ikgantsheditseng nna; bona le bontata bona ba ikgantsheditse nna ho tla fihla tsatsing lona lena.


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.


Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.


Baditjhaba ba ahileng haeno ba tla hola, ba o phahamele, haholoholo, mme wena o tla kokobela tlasetlase.


Hobane dibe tsa hae di se di kolohane ho ya fihla lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ