Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 79:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Tshollela bohale ba hao hodima ditjhaba tse sa o tsebeng, le hodima mebuso e sa rapeleng lebitso la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Theolela kgalefo ya hao hodima baditjhaba, baditjhaba bana ba sa o tsebeng, le hodima mebuso ena, mebuso e sa rapeleng lebitso la hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 79:6
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka jwalokaha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Jehova.


Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka nnete.


Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka, jwaloka ha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Modimo.


O tshollele bohale ba hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya hao o ba fihlele!


Ke ka baka leo a tshetseng mollo wa bohale ba hae le bothata ba ntwa hodima Iseraele; bohale bo tukile kahohle, mme Iseraele ha a ka a utlwisisa; bo mo tjhesitse, mme ha a ka a ela hloko.


O ke o tshollele kgalefo ya hao ditjhabeng tse sa o tsebeng le merabeng e sa rapeleng lebitso la hao; hobane ba jele Jakobo, ba mo jele le ho mo qeta, ba ripitlile leaho la hae.


Hobane bonang, motse ona o bitswang ka lebitso la ka ke tla simolla ka wona ho hlahisa bobe; mme lona le be le ka phema kotlo na? Le ke ke la e phema, hobane nna ke memela baahi bohle ba lefatshe lerumo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha ditjhaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tshollele hodima yona kgalefo ya ka, ho tuka hohleha bohale ba ka; hobane ka mollo wa poulelo ya ka lefatshe lohle le tla tjheswa.


Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna.


Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile; le bana ba tsebile hoba o nthomile.


Hobane ke itse ke ya le motse, ke tadimile ditshwantsho tse medimo ya lona, ka fihlela le aletare moo ho ngodilweng lengolo le kgethelo le reng: Ho Modimo o sa tsejweng! Modimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke wona oo nna ke le bolellang wona.


Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ho ba sa utlweng Evangeli ya Jesu Kreste, Morena wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ