Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 79:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ba neetse dinonyana tsa mahodimo ditopo tsa bahlanka ba hao, ba neetse dibatana tsa lefatshe nama tsa baratuwa ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ditopo tsa bahlanka ba hao ba di abetse nonyana tse fofang, ditopo tsa batshepuwa ba hao ba di abetse batana tsa naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 79:2
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla bea dikotsi tse mefuta e mene ho bona, ho bolela Jehova; e tla ba lerumo ho bolaya, le dintja ho harola, le manong a lehodimo, le dibatana tsa lefatshe ho ja le ho senya.


Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.


Ke tla fedisa morero wa Juda le wa Jerusalema nqalong ena, ke ba dihe ka lerumo pela bao e leng dira ho bona, le ka letsoho la ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona ke di neele manong a lehodimo le dibatana tsa naha, di tle di jewe ke tsona.


ke tla ba neela matsohong a bao e leng dira ho bona le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe.


Ditopo tsa setjhaba sena e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe; ha ho ka ke ha eba motho ya di tshosang.


Ke tla bea batho tlokotsing, mme ba tla tsamaya jwaloka difofu, kahobane ba sitetswe Jehova; madi a bona a tla tshollwa jwaloka lerole, le nama ya bona jwaloka bolokwe.


Setopo sa hao e tla ba sejo sa dinonyana tsohle tsa lehodimo, le sa dibatana tsa lefatshe, ho se motho ya di tshosang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ