Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 79:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 79:12
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a mo fetola, a re: Mang le mang ya ka bolayang Kaine, ho tla phetetswa ho yena hasupa. Jehova a beela Kaine pontsho ya hore, e mong le e mong ya mo fumanang a se ke a mmolaya.


ha ke utlwa lentswe la mosomi le la motlaki, ha ke bona sera le mohlorisi.


Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?


Ho roriswe Jehova ka ho sa feleng! Amen, e, amen.


Empa mohla le tshwarwang, le tshwanelwa ke ho lefa hasupa, le be le hlakolwe leruo lohle la ntlo ya lona.


O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.


o tle o tsebe hoba nna, Jehova, ke utlwile dinyefolo tsohle tsa hao tseo o nyefotseng dithaba tsa Iseraele ka tsona, ha o itse: Di fetohile lefeella; di neilwe rona, hore e be dijo tsa rona.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke emiseditse letsoho la ka hodimo; kannete ditjhaba tse le teetseng hare di tla jara sekgobo sa tsona!


Ekare ha le ntshetakela, le hana ho nkutlwa, ke tla boela ke eketse kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ