Etsang jwale, etswe Jehova a boletse bakeng sa Davida, a itse: Ke ka letsoho la mohlanka wa ka Davida, ke tla namolela setjhaba sa ka sa Iseraele matsohong a Bafilesta, le matsohang a dira tsohle tsa sona.
Davida a re ho Mikale: Ke entse jwalo pela Jehova ya nkgethileng bakeng sa ntatao le bakeng sa bohle ba ntlo ya hae, hore a mpee motsamaisi wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele; ke ka baka leo ke ratang ho hobela pela Jehova;
Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Esale mohla ke ntshang setjhaba sa ka sa Iseraele Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; ke mpa ke kgethile Davida ho ba morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Eitse hobane o mo tlose, wa ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona, eo o mmoletseng, wa re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya pelong ya ka, ya tla etsa hoo ke ho ratang hohle.