Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:69 - Sesotho 1909/1961 (SO)

69 A tiisa sehalalelo sa hae jwaloka dithaba, jwaloka lefatshe leo a le theetseng mehla e sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

69 A haha Sehalalelo sa hae a se haha jwaloka leaho la lehodimo, jwaloka lefatshe leo a le theileng, a e theetseng mehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:69
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a tee molodi, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?


Yaba morena Davida o re ho phutheho kaofela: Mora ka Salomone eo Modimo o mo kgethileng a nnotshi, o sa le motjha, hape o monyenyane; athe mosebetsi o moholo; hobane ntlohadi eo hase ya motho, e mpa e le ya Jehova Modimo.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


Bona, bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao, ba tle ba ntokisetse difate tse ngata; hobane ntlo eo ke yang ho e haha e tla ba e kgolo, e makatsang.


Mathule bolelele ba wona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bo lekane le bophara ba ntlo; bophahamo ba wona e ne e le ditswe tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; a a maneha kahare ka kgauta e hlwekileng.


O ne o ale boputswa ba leboya hodima sebaka se feela, wa fanyeha lefatshe hodima bodiba.


Kgale o ne o thee lefatshe, mme mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.


O tiisitse lefatshe metheong ya lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.


Letsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, mme le letona la ka le adile mahodimo; ke a bitsitse, a hla a hlaha hang.


Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ