Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 e le hore o tsejwe ke moloko o hlahlamang, e leng bana ba tlang ho tswalwa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 hore o tle o tsejwe ke meloko e tlang, le ke ba tlang ho tswalwa, bona ba tle ba o phete ba o phetele bana ba bona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:6
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba rera hore matsatsi ao a tla elellwa le ho kgethwa mehleng yohle, tlung e nngwe le e nngwe, le naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, le hore matsatsi ao a Purime a ke ke a hlokahala hara Bajuda, leha e le kgopotso ya teng ho hlakoha kelellong ya ditloholo tsa bona.


Taba eo e ke e ngollwe mehla e tlang ho tla, setjhaba se tlang ho tswalwa se ke se rorise Jehova.


Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!


Ba tla tla, ba bolele ho loka ha hae, ba bolelle setjhaba se tlang ho tswalwa hoba ke yena ya entseng hoo.


le hlahlobe diqhobosheane tsa hae, le lekole matlo a borena a teng, le tle le tsebe ho bolella meloko e tlang ho tla.


Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.


Bonahatsa mosebetsi wa hao ho bahlanka ba hao, le kganya ya hao ho bana ba bona!


le hore o tle o phetele mora hao le setloholo sa hao taba tseo ke di entseng ho Baegepeta, le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng hara bona, mme le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Le e bolelle bara ba lona, bara ba lona ba e bolelle bara ba bona, le bara ba bona ba e bolelle moloko o tlang.


Letsatsing leo o neng o itlhahise Horebe pela Jehova, Modimo wa hao, Jehova o ne a itse ho nna: Mphuthele setjhaba, ke tle ke se utlwise mantswe a ka, hore ba tle ba ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha bona lefatsheng, mme ba rute bana ba bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ