Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:55 - Sesotho 1909/1961 (SO)

55 wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

55 A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:55
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Hobane o rerile bakeng sa tsona; letsoho la hae le tla di arolela lefatshe, a le lekanye ka kgole; di tla le rua ka ho sa yeng kae, di phele teng kamehla le mehla.


Le tla arolelana naha ka lotho, ka palo ya matlo a lona: ba leng bangata, le tla ba nea karolo e kgolo, mme ba seng bakae le tla ba nea karolo e nyenyane. E mong le e mong o tla rua seo a se abetsweng ke lotho, mme le tla se amohela, e be lefa la lona ka meloko ya bontata lona.


ke tla ba leleka pela bana ba Iseraele; feela, o nne o abe dinaha tseo ka ho di laola ka lotho, e be lefa la Baiseraele, jwalokaha ke o laetse. O abe naha eo, e be lefa la meloko e robileng mono o le mong hammoho le la mothapo o mong wa leloko la Manasse.


Ke ao mafa ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba a abileng ka lotho, Silo, pela Jehova, monyako wa tente ya pokano. Ba phetha jwalo ho aba naha.


Ke wona mokgwa oo Jehova a neileng Iseraele lefatshe lohle leo a neng a hlapanyeditse bontata bona hobane o tla ba nea lona; ba le rua, mme ba aha teng.


Bonang, ke le laoletse naha ya ditjhaba tsena tse setseng e tle e be lefa la meloko ya lona, ho tloha Jordane, le ya ditjhaba tsohle tseo le di timeditseng, ho isa Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ