Romela jwale, o balehise mehlape ya hao, le tsohle tsa hao tse naheng, hobane batho bohle le diphoofolo tse fihlelwang naheng, tse sa kang tsa phuthelwa matlung, sefako se tla di otla, mme di tla shwa.
Sefako sa otla, naheng yohle ya Egepeta, tsohle tse neng di le naheng, ho tloha ho batho ho isa diphoofolong; sa otla dimela tsohle tsa lefatshe, sa robaka difate tsohle tsa naha.