Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,
Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?
Leha ekaba ke ho hotle, kapa ke ho hobe, re tla utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, eo re o romelang ho yena, hore re tle re hlohonolofale, ha re ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona.
Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
Efraime o nteela hare ka leshano, le ntlo ya Iseraele ka bohata, mme haele Juda, o sa ntse a kwetjha, o hana ho utlwa Modimo, Mohalaledi ya tshepehang.
Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.