Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.
Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.
Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, hobane Sisera o ne a na le makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong; bana ba Iseraele ba tujwa hampe ke yena ka dilemo tse mashome a mabedi.