Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.
Eitse ha phoka e neng e letse e tlohile, bonang, hodima lebala la nahathothe ho bo ho le ntho e kang dihlakunyana, e tshesane jwaloka matlalepula hodima lefatshe.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Bona, ke tla le nesetsa bohobe bo tswang lehodimong, setjhaba se tla tswa se ipokellele ho lekanang letsatsi, ka matsatsi wohle, ke tle ke ba leke, ke bone hore na ba tla tsamaya ka molao wa ka, kapa ho seng jwalo.
Ke le tsamaisitse feelleng ka dilemo tse mashome a mane; diaparo tsa lona ha di a ka tsa senyeha ho lona, le dieta tsa hao ha di a ka tsa haraswana maotong a hao.
O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.