Empa tumelo ha e le siyo, ha ho kamoo Modimo o ka kgahliswang kateng; ya atamelang Modimo e ka kgona a dumele hobane o teng, le hoba ke wona moputsi wa ba o batlang.
Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki ka ho yena; ya sa dumeleng Modimo o o entse leshano; hobane ha a dumele bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona.
Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.