Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.
Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.
Bohloko ba ka bo setse keng ka ho sa feleng, le leqeba la ka ha le okwe keng na? Le hanelang ho fola? Na ho nna o tla ba sediba se thetsang, le metsi a psheleng na?
Jwalokaha le qetile matsatsi a mashome a mane le hlwela naha, ka mokgwa o jwalo le tla jara kotlo ya makgopo a lona ka dilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng; mme le tla tseba hore na ke ntho e jwang ha le furaletswe ke nna.
Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?
Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.