5 Ke hopola matsatsi a kgale le dilemo tsa boholoholo.
5 O entse hore ke se ke ka bo hlotha, ke tshwenyehile, ke sitwa le ho bua.
Ke songwa ka matsatsi wohle ke dira tsa ka; ba ntse ba ntlhanyetsa, ba nka lebitso la ka ho hlapaola ka lona.
Ke elellwa mehla ya kgale, ke hopola tseo o di entseng kaofela, ke nahana tsohle tseo matsoho a hao a di sebeditseng.
Modimo, re utlwile ka ditsebe tsa rona, bontata rona ba re boleletse diketso tse phahameng tseo o di entseng mehleng ya bona, mehleng ya boholoholo.
Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?
Elellwa mehla ya kgale, o lemohe dilemo tsa meloko e mengata; botsa ntatao, mme o tla o ruta; botsa maqheku a hao, mme a tla o bolella.