4 O fadimehisa dintshi tsa ka; ke sa ferekane, ke sitwa ke puo.
4 Ka hopola Modimo, ka fehelwa, ka nahana, moya wa ka wa sarelwa.
Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena.
Yaba ba dula le yena fatshe ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ho se ya isang lentswe ho yena, ka ho bona hoba bohloko ba hae bo le boholo haholo.
bo ne bo tla fetisa lehlabathe la lewatle ka boima; ke ka baka leo mantswe a ka a rwalletseng.
Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.