Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 77:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Sello sa ka se nyolohela ho Modimo, ke llela ho yena; sello sa ka se nyolohela ho Modimo, o tla ntshekehela tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 77:2
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.


Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotetsa lefatsheng la metse ya bona, leha ho hlahile tlokotsi efe le efe, kapa pabo efe le efe,


Empa ha o ka hleka pelo ya hao hantle, mme wa otlollela matsoho a hao ho wona,


Matswalong a ka ka bitsa ho Jehova, ka phahamisetsa mehoo ya ka ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mohoweletso wa ka wa finyella pela hae ditsebeng tsa hae.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Mantsiboya, le hosasa, le motshehare, ke ntse ke dumaela, ke sisa pelo, mme o tla utlwa lentswe la ka.


Ha ke o hopola ke sekame diphateng tsa ka, ke ntse ke nahana tsa hao ka dinako tsa bosiu.


Ke o rapela ka letsatsi la ka la matswalo, ka hobane o a nkutlwa.


Pelo e jarisa motho ho baba ha hae; empa pelo e robehileng e ka tsoswa ke mang?


Jehova, ba tadimile ho wena matswalong a bona, ba tsholotse merapelo ya bona, mohla ba utlwang dikotlo tsa hao.


Moya wa ka o o lakatsa bosiu, pelo ya ka e o batla kahare ho nna; hobane mohla dikahlolo tsa hao di otlang lefatshe, batho ba lefatshe ba ithuta ho loka.


Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.


Efraime o bone pabo ya hae, le Juda o bone seso sa hae; Efraime o ile ho Baassiria, o rometse ho morena Jarebe (motseki); empa eo a ke ke a tseba ho le thusa, a ke ke a fodisa seso sa lona.


Tloong, a re kgutleleng ho Jehova, hobane ke yena ya re harotseng, o tla re fodisa; o hlathile, o tla re tlamella leqeba.


Jwale, Bajuda ba neng ba le tlung le yena ba mo tshedisa, ha ba bona hoba Maria o phakisitse a tloha, a ba a tswela ntle, ba mo latela, ba re, o ya lebitleng ho lla teng.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ