Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 77:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Wa iketsetsa tsela lewatleng, mmila metsing a maholo, mehlala ya hao ha e a ka ya tsejwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Letolo la hao la thwathwaretsa, la thwathwaretsa hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe, lefatshe la reketla, la sisinyeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 77:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Teng, lefatshe la reketla, la thothomela; metheo ya mahodimo ya keqa, ya sisinyeha, kahobane a ne a halefile.


Wa arole lewatle kapele ho bona, ba ba ba tshela lewatle ka tsela e omileng; ba ba phalletseng wa ba dihela madibeng, jwaloka eka ke lejwe le dihelwang metsing a matla.


O tla phetha taba eo o ntaoletseng yona; ditaba tse jwalo di sa le ngata ka ho wona.


Ke mang ya utlwisisang ho otlana ha maru, le modumo oo tente ya wona e dumang ka wona?


O tadima lefatshe, le thothomele; o ama dithaba, di thunye mosi.


A le teroneng ya hae, Jehova e ne e se e le morena mohla morwallo; teroneng ya hae o busa ka ho sa yeng kae.


Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.


Mahadima a hae a kganyetsa lefatshe; lefatshe le a a bona, le a thothomela.


Metsi a boya, a kwahela makoloi le bakalli le lekgotla lohle la Faro le neng le ba lateletse lewatleng; ha ho a ka ha sala le a mong wa bona.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


O tsamaya hodima lewatle, le pere tsa hao hodima qubu tsa metsi a maholo.


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ