17 Maru a tsurutla metsi, maru a thetheretsa; metsu ya hao ya phosetswa mane le mane,
17 Metsi a na a o bona, Modimo, metsi a o bona, a tuduana, madiba a tsukutleha.
A betsa metsu ya hae, mme a ba qhalanya ka yona; a romela mahadima, a ba qhemetsa ka wona.
Lewatle eitse ha le mmona, la baleha, Jordane a kgutlela morao,
Tjhatjhamedisa mahadima, o ba qhalanye; o phose metsu ya hao, o ba timetse!
A betsa metsu ya hae, a ba qhalanya ka yona, a tsekemisa mahadima a sa balweng, mme a ba qhemetsa.
Binelang ya haolang ka sebaka sa mahodimo a kamehla. Utlwang! o utlwahatsa lentswe la wona, lentswe le tlerolang.
Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.
Letsatsi le kgwedi di eme nqalong tsa tsona ke ho tshoha lesedi la metsu ya hao e fetang, le kganya ya lerumo la hao le phatsimang.
Oho, Jehova! e kile yare ha o tloha Seire, ha o tloha naheng ya Edomo, lefatshe le kile la reketla, mahodimo a qhibidiha, le maru a rotha metsi.