Mme jwale, bara ba hao ba babedi bao o ba tswaletsweng naheng ya Egepeta, ke eso ho tle ho wena naheng ya Egepeta, e tla ba ba ka; Efraime le Manasse e tla ba ba ka jwaloka Rubene le Simeone.
Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.
Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.