Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 77:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke wena Modimo o etsang meeka; o bonahaditse matla a hao hara ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Modimo, ditsela tsa hao di a halalela; na modimo o teng o moholo, o moholo jwaloka wena Modimo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 77:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hopolang mehlolo ya hae eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.


Yena a nnotshi ya entseng mehlolo e meholo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Dibini di tsamaya sehloohong, ba letsang dithomo ba tla kamora tsona, mahareng a barwetsana ba teang meropa.


Ho roriswe Jehova Modimo, Modimo wa Iseraele, ya etsang dintho tse makatsang a nnotshi!


Hobane o moholo, o etsa meeka, o Modimo o nnotshi.


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.


Letsoho la hao le letona, Jehova, le tumile ka matla a lona; tsoho la hao le letona, Jehova, le thuhakantse sera.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.


O a namolela, o a pholosa, o hlahisa dipontsho le mehlolo lehodimong le lefatsheng, o bile o namoletse Daniele marong a ditau.


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ