Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 77:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ke tla bolela mesebetsi ya hao kaofela, ke qaqisetse diketso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ke hopola mesebetsi ya Morena, e, ke hopola dimakatso tsa hae, dimakatso tsa boholoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 77:12
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nahano ya ka a e ke e o kgahlise. Ke tla etsa Jehova thabo ya ka.


Mo roriseng ka dipina tsa lona, le nahane mehlolo ya hae kaofela!


Hopolang mehlolo ya hae eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


Jehova, ke elellwa dikahlolo tsa hao tsa kgale, ke a itshedisa.


Ke elellwa mehla ya kgale, ke hopola tseo o di entseng kaofela, ke nahana tsohle tseo matsoho a hao a di sebeditseng.


Ba tla bolela kganya ya mmuso wa hao, ba tumise matla a hao,


Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!


le lona leleme la ka le tla bolela ho loka ha hao ka matsatsi wohle; hobane ba batlang tahleho ya ka ba apesitswe ke dihlong le nyediso.


Yaba setjhaba sa hae se elellwa mehla ya kgale ya Moshe, sa re: O kae ya ba ntshitseng lewatleng, ba ena le modisa wa mohlape wa hae? O kae ya neng a bea Moya wa hae o Halalelang hara bona;


O tle o di rute bana ba hao, mme o bue ka tsona, ha o dutse tlung ya hao, leha o le tseleng o tsamaya, leha o ya robala, leha o tsoha.


o se ke wa di tshaba, o mpe o hopole tseo Jehova, Modimo wa hao, a di entseng ho Faro le ho Baegepeta kaofela.


Hopola meleko e meholo eo o e boneng ka mahlo a hao, le dipontsho, le mehlolo, le letsoho le matla, le letsoho le otlolohileng, tseo Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng Egepeta ka tsona: Jehova, Modimo wa hao, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ