11 Empa ke tla hopola diketso tsa Jehova, ke elellwe meeka ya hao ya boholoholo;
11 Jwale ke re: “Se ntlhabileng ke sena: Letsoho la Ya Hodimodimo le fetohile.”
Isaaka o ne a tswetse naheng ho ya imamela haele mantsiboya, mme a emisa mahlo a hae, a tshoha a bona dikamele di etla.
Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,
Hopolang mehlolo ya hae eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,
O etseditse mehlolo ya hae kgopotso.
Ke elellwa mehla ya kgale, ke hopola tseo o di entseng kaofela, ke nahana tsohle tseo matsoho a hao a di sebeditseng.
Hobane ha ba ele diketso tsa Jehova hloko, leha e le mosebetsi wa matsoho a hae, Jehova o tla ba diha, a ke ke a ba ahisa!
Ka re: Se nkutlwisang bohloko, ke hoba letsoho la Mookamedi ya phahameng haesale lona ...
ba lebala ketso tsa wona tse phahameng le meeka ya wona, eo o ba bontshitseng yona.
Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.
Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ya bona, empa ha ba ele mosebetsi wa Jehova hloko, ha ba bone morero wa matsoho a hae.