Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 75:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke moo ke reng ho baikakasi: Le se ke la ikakasa! le ho banyefodi: Le se ke la phahamisa lenaka la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Leha lefatshe le ka thothomela le bohle ba ahileng ho lona, ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 75:4
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O emisitse lenaka la setjhaba sa hae, a tle a roriswe ke bakgethwa ba hae kaofela, e leng bana ba Iseraele, setjhaba seo a ikatameleditseng sona. Bokang Jehova!


Empa ba lokileng ba tla thaba, ba be ba nyakalle pela Modimo, ba hlasimolohe, ba bine.


Hobane o kganya ya sona le matla a sona, mme lenaka la rona le phahamiswa ke ho rata ha hao.


Lemohang, lona ba fetisang ka botlampa hara batho! Lona mahlanya, le tla hlalefa neng?


Dithaba di qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi pela sefahleho sa Jehova, pela sefahleho sa Morena wa lefatshe lohle.


bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na?


Oho! lona dithoto, ithuteng masene; le lona mawatla, le batle kutlwisiso.


Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.


Yaba ke re: Bana ba tlile ho etsang? Mme a bua, a re: Ao ke manaka a qhalantseng Juda, ho seng ho bile ho se motho ya emisang hlooho ya hae, mme bana ba tlile ho a tshosa, ba akgele fatshe manaka a ditjhaba tse emiseditseng lefatshe la Juda lenaka ho le qhalanya.


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ