Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 74:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ha re sa na pontsho tse tswang ho Modimo, ha ho sa le moporofeta; hara rona ha ho le ya mong ya tsebang hore ho tla ba jwalo ho fihlela neng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 74:9
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.


Menyako ya hae e diketse fatshe; o sentse, o robakantse mekwallo ya yona; morena wa hae le babusisi ba hae ba ditjhabeng; molao ha o sa le yo, le bona baporofeta ba hae ha ba sa fumana dipono ho Jehova.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka, hore e be pontsho mahareng a ka le bona, ya hore ba tsebe hoba ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Kotsi e nngwe e fihla e latela kotsi e nngwe, mokgosi o latela mokgosi, ba tla batla pono ya mohlolo ho moporofeta, empa molao o tla haka moprista, keletso e hake baholo.


Bonang, matsatsi a tla, ho itsalo Morena Jehova, ao ke tla romela ho lapa lefatsheng, e seng ho lapela bohobe leha e le ho nyorelwa metsi; empa e leng ho lapela mantswe a Jehova.


Ka baka leo, le tla hlahelwa ke bosiu, e seng ke pono, le ke lefifi, e seng ke tshenolo; letsatsi le tla phirimela baporofeta, lesedi la motshehare le fifale hodima bona.


Diboni di tla swaba, dinohe di hlajwe ke dihlong; di tla pata ditedu tsa tsona kaofela ha tsona, hobane ha ho karabo e tswang ho Modimo.


ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?


Gideone a re ho yena: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, ako nnee pontsho ya hobane ke wena ya buang le nna.


Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ