Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 73:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka baka leo, boikgohomoso bo ba ngomela jwaloka lepetu, sehloho se ba aparetse jwaloka kobo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ka baka leo, boikgohomoso ke sefaha, ke sefaha melaleng ya bona, sehloho ke seaparo seo ba se apereng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 73:6
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Faro o ntsha lesale la hae monwaneng wa hae, a le kenya monwaneng wa Josefa, mme as mo hlopha ka masela a lene a tshesane, a mo rwesa letjekwana la kgauta molaleng.


Kamora tseo, morena Assueruse a phahamisa Hamane, mora Hammedatha, Moagage; a mo hodisa, a phahamisa tulo sa hae ho feta tsa mahosana wohle ao a nang le wona.


O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae.


Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.


hobane e tla ba meqhaka e o kgabisang hlooho, le letjekwana le bohehang molaleng wa hao.


O se ke wa kgahlwa ke ho itshwantsha le motshwenyi, mekgweng ya hae o se ke wa inkela leha o le mong.


Hobane bohobe boo ba bo jang ke bobe, lonya ke veine eo ba e nwang.


Erekaha kahlolo e ahlolang mesebetsi yohle e kgopo e sa phakise ho etsahala, kahoo pelo tsa bana ba batho di ntse di tlala takatso ya ho etsa hampe.


O hapile pelo ya ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, o hapile pelo ya ka ka tjhadimo e le nngwe ya mahlo a hao, ka serwalo se le seng sa molala wa hao.


le masale a mmofa, le mefitshana, le masira a kase,


Moabe o nnile a iketla esale le botjheng ba hae, a nna a itulela ditshifeng tsa hae, ha a ka a tshollelwa pitseng e nngwe ka pitseng e nngwe, ha a ka a ya kgolehong; ka baka leo, ho nkga ha hae ho nnile ha eba teng ho yena, monko wa hae ha o a ka wa fetoha.


Re utlwile boikgohomoso ba Moabe, moikgohomosi e moholo, le boikgantsho ba hae, le boikakaso ba hae, le boithoriso ba hae, le ho phahama ha pelo ya hae.


Ka ba ka o tlatlapetsa mekgabo; ka o rwesa mefitshana matsohong, le sefaha molaleng;


yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?


Ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta ba thetsang setjhaba sa ka, bao ereng ha ba hlafuna ka meno a bona, ba bolele kgotso, empa ha motho a sa ba futise letho, ba mo tsosetse ntwa ...


Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Boima ba mefitshana eo a e kopileng, ya eba dishekele tsa kgauta tse sekete se nang le makgolo a supileng; ho sa balwe maphaketsana, leha e le masale, leha e le diaparo tsa sekarelata tse neng di aperwe ke marena a Midiane, leha e le mapetu a neng a rwesitswe melaleng ya dikamele tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ