5 ba dutse kantle ho mahlomola a batho, mme ha ba otlwe jwaloka ba bang.
5 Ha ba na dikgathatso jwaloka ba bang, mme ha ba otlwe jwaloka ba bang.
ha ba re: Molotsana o sirelwa ka letsatsi la tshenyeho; ka letsatsi la phetetso o tloswa pela yona?
Leha ke hopola hoo, ke ye ke timellwe ke mehopolo, mme nama ya ka e sisimohe.
Matlo a bona a dutse kgotsong, a sireleditswe ho se tshabo, thupa ya Modimo ha e dule hodima bona.
Ba tadimeng ba babe bao! Ba iketla kamehla, ba totisa matlotlo a bona.
Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.
Ha le ke ke la lauwa, e leng hoo bohle ba nang le kabelo teng, ke ha le mpa le le bana ba bonyatsi, e seng bara ba sebele.
Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.