Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 73:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona katleho ya ba kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 73:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona.


Ba lokileng ba maketse ke hoo, ba se nang molato ba halefela ba bolotsana.


Na ba bolotsana ba phela keng? Ba tsofala, ba atelwa ke menono jwang?


O mo fa boiketlo, ebe o a tiya, mahlo a wona a tadimile mekgwa ya hae;


Katleho e ka tseleng ya hae kamehla; o sitwa ho bona dikahlolo tsa hao; o tsheha hodima dira tsohle tsa hae.


O se ke wa hlora ha o bona ba bolotsana, o se ke wa honohela ba etsang ho hobe!


O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.


Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,


O se ke wa honohela ba bolotsana, o se ke wa lakatsa ho dula le bona;


O se ke wa kgahlwa ke ho itshwantsha le motshwenyi, mekgweng ya hae o se ke wa inkela leha o le mong.


Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ