Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 73:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba fedile jwang hanghang! Ba timela, ba senyeha, ba wa ba tshohile hampe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 73:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!


Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse.


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Dipitsa tsa lona di eso ho utlwe mollo wa meutlwa, e metala le e tukileng e tla phamolwa hammoho ke setsokotsane.


Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


ka baka leo, sebe sena se tla sala ho lona jwaloka sekgeo se helehang, se entseng mpa lerakong le phahameng, mme se phakisetsa ho wa ha lona hanghang.


Ka baka leo, tsietsi e tla o hlahela, eo o ke keng wa tseba ho e upa, bobe bo tla o wela hodimo, boo ho seng pheko eo o ka bo thibelang ka yona, le tshenyo eo o sa e tsebeng e tla tla hodima hao ka sehloho.


Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.


Ikgetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke timeletse hanghang.


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


Eitse hobane ho fete tshiu tse leshome, Jehova o otla Nabale, a shwa.


Yaba Saule o namalla fatshe ke ho tshoha haholo ka baka la mantswe a Samuele; matla a ne a le siyo ho yena, ke hobane o ne a sa ka a ja letho tsatsi lohle le bosiu bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ