Yaba Jehova Modimo o re ho noha: Erekaha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle, le hara diphoofolo tsohle tsa naha; o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.
Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.
Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.