Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.
Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.
hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.
Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;
a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.
Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.
Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.