Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 72:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O tla ahlola setjhaba sa hao ka ho loka, le mafutsana a hao ka bokgabane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 a tle ahlolele tjhaba sa hao, a se ahlolele ka ho loka, le mafutsana a hao ka toka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 72:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo,


Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?


Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla.


Bonang, morena o tla busa ka ho loka, mahosana le wona a dise ka ho loka.


Moputso wa ho loka e tla ba kgotso, tholwana ya ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa yeng kae.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Matsatsing ao le mohlang oo, ke tla hlahisetsa Davida lehlomela la ho loka, mme le tla etsa kahlolo le ho loka lefatsheng.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ