Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.
Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.
Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!
Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;
Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.
Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.