Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang.
Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.
O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.
hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.
Ke ka baka leo re tshedisitsweng; hape, kahodima tshediso ya rona re thabile haholoholo ka baka la thabo ya Tite, hobane moya wa hae o kile wa kgathollwa ke lona bohle.
Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.