Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Tsoha, Jehova! ka bohale ba hao o phahamele ho itshena ha bao e leng dira ho nna! Tsoha, o nkemele, o laele kahlolo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 7:6
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Jehova o lokisetsa, o ahlolela bohle ba hatakelwang.


Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


Leha ke tsamaya hara matswalo, o tla mphedisa, o tla qobisa bohale ba dira tsa ka ka letsoho la hao, letsoho le letona la hao le mpholose.


Hobane sera se hlorisa moya wa ka, se hatile bophelo ba ka fatshe, se nkgarameletsa nqalong e lefifi ho ba shweleng e seng e le kgale.


Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.


Jehova, o tsekise ba ntsekisang, o lwantshe ba ntwantshang.


Tsoha, o phaphame ho nkahlolela, Morena wa ka, Modimo wa ka, o lokise ditaba tsa ka!


Phaphama! o robaletseng, Morena? O phaphame, o se ke wa re lahla ka ho sa feleng!


Tsoha ho tla re thusa; o re namolele ka baka la mohau wa hao!


Wena, Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele, tsoha ho laya ditjhaba tsohle! O se ke wa hauhela le a mong wa baeki le ba bolotsana bao! (Sela.)


Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.


Lebisetsa maoto a hao dithakong tse ntseng di senyehile. Sera se sentse hohle sehalalelong sa hao.


Yaba Morena o phaphama jwaloka motho ya robetseng, jwaloka mohale ya hoiswang ke veine,


Jehova o itlhahisa ho tseka, o ema ho ahlola ditjhaba.


Jwale, ke tla tsoha, ho bolela Jehova; jwale, ke tla iphahamisa; jwale, ke tla ikgodisa.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ