Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 sera a se ke se phallele moya wa ka, se ntshware, se setlakelle bophelo ba ka fatshe, se hulanye kganya ya ka leroleng. (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 ha ke entse mothusi wa ka hampe, ha ke senyeditse sera sa ka ho se lebaka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 7:5
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke apesitse letlalo la ka ka lesela le mahwashe, mme ka silafatsa lenaka la ka ka lerole.


Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.)


Ka wena re tla diha dira tsa rona, ka lebitso la hao re hatakele ba re tsohelang matla.


Empa motho, hara bokgabane ba hae, ha a hlole kamehla; o tshwana le diphoofolo tse hlajwang.


Ka Modimo re tla hlola, ke wona o tla hatakela dira tsa rona.


Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


Ke hatetse ke nnotshi sehatelong, ha ho motho hara ditjhaba ya ntlatsitseng; ke di hataketse kgalefong ya ka, ke di pitlile bohaleng ba ka; madi a tsona a tshetse diaparo tsa ka, mme kobo ya ka e bile matheba kahohle.


Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.


O tswela ho pholosa setjhaba sa hao, ho pholosa motlotsuwa wa hao! O thuhaka hlooho ya ntlo ya e mobe, o be o kwaholle metheo ya yona, o e senye ho isa marulelong. (Sela.)


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!


O bonahiditse kajeno kamoo o nkgauhetseng kateng; kahobane Jehova o ba a nneetse matsohong a hao, mme ha o a ka wa mpolaya.


Bona jwalo, ke a tseba hobane o tla ba morena ruri, le mmuso wa Iseraele o tla tiya matsohong a hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ