Dipesaleme 7:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)17 Ke tla rorisa Jehova ka baka la ho loka ha hae, ke binele lebitso la Jehova, la Mookamedi ya phahameng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE17 O jelwe ke bokgopo ba hae, sehloho sa hae se mo wetse hodimo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.
Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!