Ka baka la bohle bao e leng dira ho nna, ke fetohile ntho e dihlong tse kgolo ho ba ahisaneng le nna, le setshosa ho metswalle ya ka; ba mponang lepatlelong ba mpalehela;
O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.
Wena Jehova, o tseba tsohle, o nne o nkgopole, o ntlhokomele, o mpheteletse ho ba ntlhorisang. Mamellong e kgolo ya hao o se ke wa ntlosa; o ke o lemohe hobane ke jere sekgobo ka baka la hao.
Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!