Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 69:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Hobane Modimo o tla boloka Sione, o tsose metse ya Juda; ba tla aha ho yona, e boele e be leruo la bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Mahodimo le lefatshe di ke di mo rorise, le mawatle le tsohle tse sesang ho wona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 69:35
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lewatle a le ke le dume le tsohle tse ho lona; dithota di ke di hlasimolohe le tse ho tsona kaofela!


O tla tsoha, o hauhele Sione, hobane e se e le nako ya ho mo utlwela bohloko; e, nako e lekantsweng e tlile.


Etlare ha Jehova a tsosa Sione, o tla hlaha kganyeng ya hae;


Jehova, mesebetsi ya hao kaofela e tla o rorisa, bakgethwa ba hao ba o boke.


Molomo wa ka a o ke o bolele dithoko tsa Jehova, dibopuwa tsohle di ke di boke lebitso la hae le kgethehileng kamehla le mehla.


Mo roriseng, lona mahodimo a mahodimo, le lona, metsi a hodimo ho mahodimo!


Leratong la hao o hlohonolofatse Sione; o hahe marako a Jerusalema!


Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


Esale nna ke tiisang lentswe la mohlanka wa ka, ke etsahatsang ditaba tsa ba romilweng ke nna, ke bolelang hore Jerusalema o tla hahuwa, le hore metse ya Juda e tla boela e hahuwe, mme ke tla tsosa dithako tsa yona;


Ke atameditse ho loka ha ka: Ha ho hole; le poloko ya ka; e ke ke ya dieha. Ke tla bea poloko ya ka Sione, le kganya ya ka hodima Iseraele.


Empa ba pholohileng ba tla ba teng thabeng ya Sione; e tla ba nqalo e kgethehileng, mme ba ntlo ya Jakobo ba tla rua tse neng di ruilwe ke ditjhaba tseo.


Jwale, ka tadima, mme ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona, ba le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ