Jwale Modimo wa re: Metsi ha a hlahise ka bongata dibopuwa tse nyekenyehang, tse phelang, mme tse rurang ha di rure hodima lefatshe, sebakeng sa mahodimo.
Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.
Hobane le tla tloha ka thabo, le tsamaiswe ka kgotso; dithaba le maralla di tla ntsha mehoo ya nyakallo pela lona, difate tsohle tsa naha di ope diatla.