Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 69:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 O tshollele bohale ba hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya hao o ba fihlele!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Eka mahlo a bona a ka fifala, ba se ke ba bona, matheka a bona a nonyoloha hoyahoile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 69:24
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tshollela bohale ba hao hodima ditjhaba tse sa o tsebeng, le hodima mebuso e sa rapeleng lebitso la hao.


Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


Ba tsielehile, ba kenwe ke mahloko le matswalo, ba sonopana jwaloka mosadi ya belehang; ba tadimana ba maketse, difahleho tsa bona di fubile jwaloka mollo.


Marena a Juda a jwaloka ba suthisang mekolokotwane. Bohale ba ka ke tla bo tshollela hodima bona jwaloka metsi.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngodilweng di phethahale.


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Yaba ke utlwa lentswe le leholo, le tswang tempeleng, le howeletsa mangeloi a supileng, le re: Eyang, le tshollele lefatsheng dinkgo tse supileng tsa bohale ba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ