Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 69:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 mme o se ke wa patela mohlanka wa hao sefahleho sa hao, hobane ke matswalong; phakisa o nkarabe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Nkarabe, Morena, hobane mohau wa hao o moholo, o ntadime ho ya ka boholo, boholo ba lerato la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 69:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.


O se ke wa mpatela sefahleho sa hao ka letsatsi la matswalo a ka! O ntshekehele tsebe, ha ke bitsa ho wena! Phakisa o nkarabe!


O tla isa kae, Jehova? Na o ka ntebala kamehla na? O tla mpatela sefahleho sa hao ho isa kae?


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


Jehova, o ntopolle direng tsa ka, hobane ke balehela ho wena.


Hobane ha a ka a nyedisa, ha a ka a kgesa bohlomohi ba ya hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a nna a mamela mehoo eo a neng a e phahamisetsa ho yena.


O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, o se ke wa leleka mohlanka wa hao ka kgalefo! O thuso ya ka! O se ke wa ntahla, o se ke wa ntlohela, Modimo wa poloko ya ka!


Oho Jehova, o ke o mpoloke; Jehova, phakisa ho tla nthusa.


O re patellang sefahleho sa hao, o leballang bomadimabe ba rona le ho tujwa ha rona?


tse boletsweng ke molomo wa ka, ha ke ne ke le matswalong.


Oho Modimo, o ke o mpoloke; Jehova, phakisa ho tla nthusa!


Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;


A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna.


Ha ho batlile ho ba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lamma sabakthani? ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ