Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Kgalemela sebata se laletseng mahlakeng, le mohlape wa dipoho hammoho le manamane a ditjhaba tse hatakelang ditjhelete tsa silefera ka maoto. O qhalanye ditjhaba tse ratang ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ka baka la Tempele ya hao, Tempele e Jerusalema, dikgosi di tla o nyehella ka dimpho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:30
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, kapa ke barekisi ba rekisang ka yona; le marena wohle a Arabia le babusisi ba naha ya hae ba ne ba tlisetsa Salomone kgauta le silefera.


E mong le e mong o ne a tlisa nyehelo ya hae ya dipitsa tsa silefera le ya dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimulete, ka selemo se seng le se seng.


E ithoballa meriting ya difate tsa lotuse, mosemeng le mahlakeng.


Ke rata kgotso feela! Empa ha ke bua, ba batla ntwa.


ha ba utlwa taelo ya ka, ba nkutlwa hanghang, bara ba baditjhaba ba nqeka;


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


O thumakantse Egepeta jwaloka motho ya bolailweng, o hasantse dira tsa hao ka letsoho la hao le matla.


Dinare le dipoho le dipholo di tla wa le tsona; lefatshe la tsona le tla nosetswa ke madi, naha ya tsona e nontshwe ke mafura.


Le fele le thabe, le fele le nyakalle, lona basenyi ba lefa la ka; le tlole jwaloka sethole hara jwang bo botala; le lle jwaloka poho ya pere.


Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.


Ditjhaba tse ngata le merabe e matla e tla tla ho batla Jehova wa makgotla Jerusalema, le ho rapela sefahleho sa Jehova.


Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;


Dintwa le diphapang tse hara lona di tswa kae? Na ha di tswe ditakatsong tsa lona tse lwanang dithong tsa lona na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ