Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Modimo wa hao a laetse hore o be le matla. Modimo, o tiise seo o se sebeditseng bakeng sa rona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Benjamine, kgorula, o ba eteletse pele, o latetswe ke hlopha sa mahosana, mahosana a Juda, le mahosana a Sebulone, le mahosana a Nafthali.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:28
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o tla phetha tsohle sebakeng sa ka. Jehova, mohau wa hao ke o sa feleng. O se ke wa tlohela mesebetsi ya matsoho a hao.


Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.


Modimo, ke wena Morena wa ka! o laole topollo ya Jakobo!


O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


Ke ka baka leo re le rapellang kamehla, hore Modimo wa rona o le etse ba lokelwang ke pitso ya wona, mme o phethe ka ho lona ka matla dithato tsohle tsa mosa wa wona, le mesebetsi yohle ya tumelo;


Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.


Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ