Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Moo, ke Benjamine e monyenyane, mmusi wa bona; ke mahosana a Juda le makgotla a hae; ke mahosana a Sabulone, le mahosana a Nefthali.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Bokang Modimo diphuthehong, bokang Morena dibokeng tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:27
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong; e mong wa rona o se a le siyo, mme e monyenyane o ho ntata rona kwana naheng ya Kanana.


Hape, Abnere a bua le Benjamine. Abnere a ntoo ya Hebrone, ho tsebisa Davida tsohle tse lakatswang ke Iseraele le ke ntlo yohle ya Benjamine.


Ho bara ba Benjamine le ba Juda, ha tla ba bang, ba fihla ho Davida seqhobong.


Ho bana ba Benjamine, banababo Saule, ha tla dikete tse tharo; athe ho fihla moo, ba bangata hara bona ba ne ba ntse ba kgomaretse ntlo ya Saule.


Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.


Kgweding ya boroba mono o le mong, molaodi wa boroba mono o le mong e ne e le Abiesere wa Anathothe, Mobenjamine; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong.


Mahosana a ditjhaba a phuthehile hammoho ho ba setjhaba sa Modimo wa Abrahama; hobane dithebe tsa lefatshe ke tsa Modimo; o phahamile haholo ka ho fetisisa.


Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka; Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka, mme Juda ke lere la ka la borena;


Mona wa Efraime o tla fela, Juda le yena a lese ho mo qala; Efraime ha a sa tla hlola a honohela Juda, mme Juda ha a sa tla hlola a lwantsha Efraime.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


bakeng sa leloko la Benjamine, Elidade, mora Kislone;


Jehova a qhala Benjamine pela Iseraele, mme ka lona tsatsi leo, banna ba Iseraele ba timetsa banna ba Benjamine ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano tse nang le lekgolo le le leng, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.


Sabulone le Nefthali ke tsona ditjhaba tse sa kang tsa re letho ka lefu, mohla ho lwanwang diphahameng tsa naha.


Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ