Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Makoloi a Modimo a dikete tse mashome a mabedi, dikete le diketekete; morena o mahareng a wona; Sinai o sehalalelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Lona dithaba tse makgeka, keng ha le honohela thaba, thaba eo Modimo a kgahlilweng ke yona, ho e etsa leaho la hae, moo Morena a tla aha teng, a ahe teng ka ho sa feleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.


A kalla kerubime, a fofa, a haola ka mapheo a moya;


hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.


Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang.


Ho tla etsahala mehleng ya bofelo, hoba thaba ya ntlo ya Jehova e tla bewa hlorong ya dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba kaofela di tla phallela teng.


a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.


Jwale, ba tla lahlela ho boka ha bona le ditopo tsa marena a bona hole le nna, mme ke tla dula hara bona ka ho sa feleng.


Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.


Hleka bohale ba hao bo tuketse dinoka, Jehova? hleka bo tuketse dinoka? a o halefetse lewatle, ha o tsamaya ka pere tsa hao le makoloi a hao a poloko?


Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?


A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.


Jwale, ka tadima, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata a teetseng terone, le dibopuwa tse phelang tse nne le baholo hare, mme palo ya wona e ne e le dikete tse dikete le mashome a dikete a mashome a dikete.


Palo ya makgotla a ba kaletseng ke dimilione tse makgolo a mabedi; hobane ke ne ke utlwe palo ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ