Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Phutheho ya hao ya ikahella teng; wa lokisetsa ya lesitsi mohau wa hao, Modimo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Modimo, wa nesa pula, pula ya ditlwebelele; wa e nesetsa bao e leng lefa la hao, wa ba matlafatsa ha ba ne ba kgathetse,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:10
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ke o mamele, o le mahodimong; o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele; o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona; o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, e be lefa la sona.


O nosetsa boleme ba lona bo lemilweng, o phophotha makote a lona, o le nolofatsa ka dipula, mme o hlohonolofatsa dimela tsa lona.


O rwesa selemo molemo wa hao, nala e latela mehlala ya hao;


O lekola lefatshe, o a le nosetsa, o le ruisa haholoholo; metsi a tlala molatswaneng wa Modimo; o lokisetsa batho mabele, ha o lokisa lefatshe jwalo.


O se ke wa neela selalome moya wa leebakgorwana la hao, o se ke wa nna wa lebala bophelo ba bahlomohi ba hao.


O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?


O fa ya kgathetseng matla, o atisa matla ho ya fokotseng.


Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?


Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


ba lapileng o ba kgorisitse molemo, mme ba ruileng o ba kgutlisitse ba le feela;


Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.


e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ