18 Hola eba ke hopotse bokgopo pelong ya ka, Morena a ka be a sa ka a nkutlwa;
18 Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa,
Tjhe! Modimo o ke ke wa utlwa dithapelo tsa lefeela, Ya matla wohle a ke ke a di ela hloko.
O itise, o se ke wa sekamela bobeng, hobane etlaba o bo rata ho fetisa mahlomola.
Jehova o hole le ba babe; empa o utlwa merapelo ya ba lokileng.
Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.
Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.
Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.
Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.
Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.
Le a kopa, mme ha le fuwe, kahobane le kopa hampe, ho nkela ditakatso tsa lona.