17 Ke howeleditse ho wona ka molomo wa ka, thoko ya wona eba lelemeng la ka.
17 Ke ipileditse ho yena ka molomo wa ka, ka mo phafa ka leleme la ka.
Ke tla busetsang ho Jehova? Melemo yohle ya hae e ho nna.
Ke tla o hodisa, Modimo wa ka, Morena wa ka! ke tla boka lebitso la hao kamehla le ka ho sa yeng kae.
Jehova, ke a o hodisa, hobane o mpholositse, mme ha o a ka wa lesa hore bao e leng dira ho nna ba thabe ka nna.
Jehova, ka ba ka howa ho wena, ka beela Jehova thapedisiso ya ka, ka re:
Na o ka ruang ka madi a ka le ka ho theohela ha ka lebitleng?
Mohlomohi ha a rapela, Jehova o a utlwa; o mo pholosa mahlomoleng a hae kaofela.