A le nqalong e phahamileng ya hae, o rometse mollo masapong a ka, o a qetile; a tjhehela maoto a ka leraba, a nkgutlisa kasanthao, a nneela tshenyehong, ke tle ke shwe ka matsatsi wohle.
Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.
Ba re ba sa ya, ke tla tjheha leraba la ka kahodima bona, ke ba theole jwaloka nonyana e sebakeng, ke ba kgalemele kamoo ke tsebisitseng phutheho ya bona kateng.
Jehova, hlohonolofatsa matla a bona, mme o amohele mosebetsi wa matsoho a bona! Hlaba matheka a ba ba tsohelang matla le a ba ba hloileng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.